Lyrics: Malehloka. M Hlalele/Mthintheki E. Mzizi
Music: Mthintheki E. Mzizi
Khutsa khutsa Moya oaka
Khotso e be le wena
Hoba lerato le o potapotile
Fola, fola Moya oaka
Tse bohloko di fitile
Ke Molimo ea tsepahalang
Ka e nehela ho Mora
Ka kopa, ka fua
Ka batla ka fumana
Ka kokota a mpulela
Ka e nehela ho Mora
Ka kopa, ka fua
Ka batla ka fumana
Ka kokota a mpulela
O araba
Dithapelo tsa rona
O Morena oa Marena
Thato ya hao
E na le ho nkimela
E re ke rate sera
Ke se thabise
O re ke mo etse hantle
Ke hlonolofatse
Ke mo behe dithapelong tsaka
Thato ya hao
E bohloko
E ntshehisa
Ka ba nhloileng
Thato ya hao
E bohloko
E mphetola
Setlatla mahlong
A bona
Fela tabatabelo
Ke ho phethisa
Le ho kgotsofatsa
Wena ntate
O ntekela tafole
Bo teng ba bona
E be pheletsong
Oa araba
O araba dithapelo tsa rona O Morena oa Marena
Morena ke kopa Matla
Morena ke kopa bohlale
Wena Morena, oa araba
Wena Morena, oa araba